NA O NA LE TOKELO YA HO FUMANTSHWA TSHWARELO YA SEPOLOTIKI YA
BOPRESIDENTE HO YA KA TUMELLO YA PUSO E NTJHA?
Haeba o tjhankaneng bakeng sa molato wa sepolotiki o entsweng pele ho la 16 Phupu 1999 kapa o lokollotswe tjhankaneng ka mora ho etsa molato wa sepolotiki, o ka ba le tokelo ya ho fumantshwa tshwarelo ho tswa ho Mopresidente wa rona wa Naha..
O kotjwa ho ela hloko hore haeba o ne o ahloletswe molato wa mofuta ofe kapa ofe o mong, HA O NA tokelo ya tshwarelo ho ya ka puso e ntjha. Le ha ho le jwalo, o ka etsa kopo ya tshwarelo e tlwaelehileng ho ya ka karolo ya 84 (j) ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa, e matlafatsang Mopresidente wa Naha ho tshwarela kapa ho hlakola kapa ho kgutlisetsa kahlolo ya batlolamolao morao le ho kgutlisetsa dikahlolo dife kapa dife lekgotleng le tlase la dinyewe.
Tswelopele ena e ikgethileng ya tshwarelo e qadile ka la 15 Pherekgong 2008 mme e kwala ka la 15 Motsheanong 2008.
Sena se bolela hore o tlameha ho tlatsa foromo ya hao ya kopo ka pelepele..
Diforomo tsena di fumaneha ka dipuo kaofela tsa semmuso ho:
Haeba o hloka thuso ho tlatseng kopo ya hao, mokgatlo wa hao wa polotiki o na le maikarabelo a ho o thusa ho tlatsa foromo ya kopo..
Foromo ya hao ya kopo e tlameha ho iswa ka mokgwa o behetsweng mme motho ya dumelletsweng ke mokgatlo wa polotiki a tiise tlasa kano hore o ne o le ka tlasa taelo kapa keletso ho etsa molato bakeng sa mabaka a sepolotiki.
Dikopo kaofela di tlameha ho iswa ho:
Mong Neville Gawula; Kantoro ya Mohlanka e Moholo wa Ditherisano; Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo; 319 Mmileng wa Pretorius; Moaho wa Pretmed;
Ela hloko ha o tlatsa foromo ya kopo - ke tse tlatsitsweng hantle feela tse tlang ho nkelwa hlohong.
Ho tlameha ho ba motho a le mong feela kopong ka nngwe. Tlhahisoleseding kaofela e tlameha ho tlatswa ka ho nepahala le ka botshepehi ka ditokomane kaofela tsa tshwanelo tse tshehetsang.
Mokgatlo wa hao wa polotiki o ka isa kopo lebitsong la hao, ha ho le jwalo, o tlameha ho netefatsa hore foromo ya hao ya kopo e tlatsitswe ka nepo. Hape o tlameha ho bolela tlasa kano hore m(e)olato o entswe mabapi le diketso tsa sepolotiki tseo o(mokgatlo) neng o le karolo ya tsona..
HO TLA ETSAHALA ENG HA KOPO YA HAO E LE KA HARE?
La pele, tsweletso e qalang ya ho lekola dikopo kaofela e tla etswa ke Lefapha. Dikopo di tla fetisetswa ho Sehlopha sa Tshupo (RG), se entsweng ka ditho tsa mekgatlo ya dipolotiki tse emetsweng Palamenteng. RG e tla nkela kopo e nngwe le e nngwe hlohong ka tokelo ya yona mme e etse kgothaletso ho Mopresidente wa Naha hore ho fanwe ka tshwarelo kopong e nngwe le e nngwe kapa e hanelwe. RG e tla tswela pele ho sebetsa ho fihlela ka la 30 Lwetse 2008 .
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le fana ka mesebetsi ya bongodi ho RG.
KE MANG YA SE NANG TOKELO?
O ke ke wa ba le tokelo ya Botshwaredi ba Bopresidente ho ya ka molato o entsweng tlasa mabaka a sepolotiki haeba o ne o ahloletswe molato o amanang le:
Ketso efe kapa efe ya thobalano;
Ketso efe kapa efe e kenyeletsang morusu wa lapeng;
Molato ofe kapa ofe o amanang le dithethefatsi le tsamaiso ya tsona;
Haeba tshwarelo e ne e se e hanetswe ke Komiti ya Tshwarelo, e thontsweng tlasa Molao wa TRC; kapa
Haeba o isa kopo ya hao ka mora la 15 Motsheanong 2008.
Kantoro ya Mohlanka e Moholo wa Ditherisano
Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo
Mohala: 012 315 1111
